Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:16 - BIBELE

16 Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa ya o salang morao, ha ke eso labalabele tsatsi la ditsietsi, polelo tsa ka le wena o a di tseba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:16
21 Referencias Cruzadas  

Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.


Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete.


Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos