Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:2 - BIBELE

2 Haeba ba ka re ho wena: ‘Re tla ya kae?’ ba bolelle, o re: ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ba abetsweng lefu, ba tla bolawa ke lefu, ba abetsweng sabole, ba tla bolawa ke sabole, ba abetsweng sekoboto, ba tla bolawa ke sekoboto, ba abetsweng bothopuwa, ba tla thopuwa.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:2
18 Referencias Cruzadas  

Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


“Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


“ ‘Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.


Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole.


Ere ho bona: ‘Ke nna sesupo sa lona.’ “Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng.


“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!


“Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, masalla a ahileng dithakong a tla bolawa ka sabole, ba hara naha ke tla ba neela dibatana di ba harole; ba diqhobosheaneng le ba mahaheng ba tla bolawa ke lefu la sewa.


Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.


Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.


O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.


Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.


Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.”


Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos