5 Yaba ke a tsamaya, ke se pata pela Euferatese, jwalokaha Morena a ile a ntaela.
5 Ka ya jwalo, ka se pata pela Eufrate, jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.
Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.
Hoba ho fete matsatsi a mangata Morena a re ho nna: “Tsamaya, o ye Euferatese, o yo lata senyepa seo ke ileng ka re o yo se pata teng.”
Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona.
O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu.
Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.