Jeremia 13:19 - BIBELE19 Metse e ka Borwa e etseditswe thibella, ha ho le ya mong ya kenang ho yona, baahi bohle ba Juda ba a thopuwa, ba a thopuwa, e ba kgorolakoqo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong. Ver Capítulo |
Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena.
Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.
Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”