Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:4 - BIBELE

4 Ba se kgabisa ka silefera le ka kgauta, ba se kgokgothele ka noto le ka dipekere, hore se se ke sa sisinyeha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba se kgabise ka silefera le ka kgauta; ba se kgokgothele ka dipekere le ka noto, hore se se ke sa sisinyeha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:4
9 Referencias Cruzadas  

Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.


Medimo ya bohata ya baditjhaba ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.


Lelala le nka tshepe le e bese mollong, le e kgobe ka hamore, le bope modimo wa bohata, le e kgobe ka tsoho la lona le sefutho, ho fihlela le lapa, le fellwa ke matla, metsi le sa a nwe, le be le kgathale.


Ba bang ba ntsha kgauta ka mekotleng ya bona, ebe ba bea silefera sekaleng, ba hira lelala la kgauta ho etsa setshwantsho, tshwantsho sa modimo wa bohata, ba se obamele, ba se kgumamele.


Ba a se nka, ba se jare ka mahetla a bona, ba se bee tulong tsa sona, se eme teng; moo se emeng teng se ke ke sa sisinyeha. Leha motho a ka ipiletsa ho sona ha se mo arabe, leha e le hona ho mo pholosa tsietseng ya hae.


Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”


Ho madimabe ya reng ho lehong: ‘Phaphama!’ le ho lejwe le semumu: ‘Phahama!’ Na medimo e tjee e ka tseba ho porofeta? E kgabisitswe ka kgauta le ka silefera, empa ka ho yona moya wa bophelo ha o yo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos