Jeremia 10:25 - BIBELE25 Halefela tjhaba tsena tse sa o tsebeng, o halefele batho ba sa ipiletseng ho wena. Tjhaba tsena di metsitse Jakobo, tsa mo metsa bokwiditane, tsa mo timetsa, metse ya hae tsa e fetola nanaola. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)25 O ke o tshollele kgalefo ya hao ditjhabeng tse sa o tsebeng le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitlile leaho la hae. Ver Capítulo |
Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.