Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:17 - BIBELE

17 Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Elia e ne e le motho ya maikutlo a tshwanang le a rona, mme a rapela ka matla hore pula e se ke ya na; mme ya se ke ya na lefatsheng ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Elia e ne e le motho ya maikutlo a tshwanang le a rona, mme a rapela ka matla hore pula e se ke ya na; mme ya se ke ya na lefatsheng ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:17
7 Referencias Cruzadas  

Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.”


“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.


Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:


Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos