Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:16 - BIBELE

16 Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Hobane moo mona le dikomang di leng teng, ho na le moferefere le mesebetsi yohle e mebe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hobane moo mona le dikomang di leng teng, ho na le moferefere le mesebetsi yohle e mebe.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:16
11 Referencias Cruzadas  

Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.


Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana.


Haeba lelapa le ikarola ho itwantsha, lelapa leo le ke ke la tiya.


Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,


Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.


Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos