Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:4 - BIBELE

4 Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:4
24 Referencias Cruzadas  

O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”


Efela lere la ba kgopo le ke ke la busa lefatshe le abetsweng ba lokileng, esere ba lokileng ba kenya matsoho a bona bokgopong.


ke temoso eo a neng a e nee leloko, a e nea leloko la Josefa, mohla le tswang naheng ya Egepeta. Ka utlwa lentswe ke sa le tsebe, le re:


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.


O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao!


Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,


Eba setshabelo sa Bamoabe, Bamoabe ba lelekilweng, o ba sireletse ho ya ba timetsang.” Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa, mosenyi yena a kgaotse ho senya, mohatelli le yena a fediswe naheng eo.


“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.


Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”


O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?


Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa.


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Seeta sa mohlabani ka mong, seaparo ka seng se sudubantsweng mading, tsena di tla akgelwa mollong, di tjheswe.


“Ka tsatsi leo, ho rialo Morena mabotho, ke tla roba joko e molaleng wa sona, marapo a se tlammeng ke a kgaole, se se hlole se sebeletsa baditjhaba.


Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: ‘Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile!’


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.’ ”


Ke tla roba joko e le hatileng melala, mahlaahlela a le holehileng ke a kgaole.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos