Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:4 - BIBELE

4 Etlare moshanyana enwa a eso tsebe ho re ‘ntate’ kapa ‘mme’, maruo a Damaseka le kgapo ya Samaria di nkwe ke kgosi ya Asiria.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:4
16 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.


A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.


Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela.


Motse o haheleditsweng o tla ba siyo Efraime, le wona mmuso wa Damaseka o tla fela, masalla a Arame a tla fela sa tlotla ya Iseraele,” ho rialo Morena wa mabotho.


Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja.


Morena a boela a bua ho nna, a re:


Morena o bua tjena: “Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba siditse Gileade ka dilei, ka dilei tse nang le meno a tshepe.


Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena.


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,


Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos