Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:6 - BIBELE

6 “A re futuheleng Juda, re e haraswanye, re e arolelane, re bee mora wa Tabeele hore e be kgosi ya yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:6
12 Referencias Cruzadas  

Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.


“Jwale lona le ikemiseditse ho lwantsha puso ya Morena e matsohong a ditloholo tsa Davida, hobane le le letshwelehadi, le bile le ena le manamane a kgauta, ao Jeroboame a le etseditseng wona, hore e be medimo ya lona ya bohata.


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.


Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.


O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho.


Bona, dira tsa hao di a rora, ba o hloileng ba tsosa mohlahla.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola.


Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re:


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “ ‘Hona ho ke ke ha eba teng, hona ho ke ke ha etsahala,


“Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos