Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 66:3 - BIBELE

3 Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 66:3
19 Referencias Cruzadas  

Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?”


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.


lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


Ke qetile letsatsi lohle ke otlolotse matsoho a ka, ke a otlolletse setjhaba, tjhaba se melala e thata se itsamaelang ka tsela ya sona e kgopo, se latelang mehopolo ya sona feela.


“Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena.


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Yaba Hagai o re: “ ‘Ho jwalo le ho batho bana, le ho setjhaba sena se kapele ho nna,’ ho rialo Morena. ‘Mesebetsi yohle ya matsoho a sona e jwalo, le tseo se nyehelang ka tsona ka Tempeleng di silafetse.’ ”


Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama.


O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.


Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”


Mehleng eo ho ne ho se na kgosi naheng ya Iseraele, motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos