Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 6:4 - BIBELE

4 Modumo wa lentswe la se howeletsang wa sisinya ditshiya tsa menyako, mme Tempele ya tlala mosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba metheo ya menyako ya tempele e sisinyeha ke lentswe la mohoo oo, mme tempele ya tlala mosi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:4
12 Referencias Cruzadas  

Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya tsukutleha, ya reketla, hobane a halefile.


Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong.


Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.


Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Ka bona Morena a eme pela aletare, a re: “Pshatla hlooho tsa ditshiya, dikosene di sisinyehe, mathule a pshatlehele hodima hlooho tsa bohle, masalla wona ke tla a bolaya ka sabole; ha ho le ya mong ya tla baleha, ha ho le ya mong ya tla phonyoha.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos