Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 59:3 - BIBELE

3 Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e ditshila ke bokgopo; melomo ya lona e bolela mashano, maleme a lona a bolela tsa bolotsana.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 59:3
31 Referencias Cruzadas  

Ke mahlo a ikgohomosang, leleme le tletseng thetso, matsoho a tshollang madi, madi a se nang molato;


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Motse o tshepahalang o fetohile seotswa se jwang! Pele o ne o tletse toka, ho loka ho ahile hara wona, empa jwale o tletse babolai.


Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”


Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.


Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Baholo le bahlomphehi ke yona hlooho, moporofeta wa bohata ke wona mohatla.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“ ‘Bonang mona, le tshepa dipolelo tsa leshano, tse ke keng tsa le tswela molemo.


Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!


Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba tsheke, hoba tjhaba sa ka nka se tlohela jwang?


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo.


“Wena ngwana motho, na motse oo o tla o ahlola? Na o tla ahlola motse oo wa babolai? O o supise manyala wohle a wona;


Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao.


“Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Bomadimabe bo ba wele hodimo, hobane ba balehile pela ka! Kotlo e ba wele hodimo, hobane ke mona ba ntshitetswe! Ke ne ke re ke a ba lopolla, empa ba nnetile ka leshano!


“Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.


Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo.


“Barui ba lona ke banna ba sehloho; tjhaba sa lona ke batho ba leshano, maleme a bona ke maleme a thetsang.


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!”


ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano, bao matswalo a bona a nang le letshwao la dibe tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos