Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 51:3 - BIBELE

3 “E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 51:3
36 Referencias Cruzadas  

Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora.


Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.


Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.


Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata.


tsena o tla di olosa, moya o di fefole, sefefo se matla se di hasanye. Thabo ya hao e tla ba ho Morena, tlotla ya hao e be Ya Halalelang wa Iseraele.


Bonang, ke etsa ntho e ntjha! Ke ena e mela, na ha le e bone? Ke phunya tsela hara lehwatata, le dinoka naheng e omeletseng.


Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: ‘O tla ba le baahi!’ ya reng ho metse ya Juda: ‘Le tla hahuwa!’ ho dithako tsa yona: ‘Ke tla le tsosa!’


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


“O fetohile lesupi, o hloka baahi, le naha ya hao e senyehile, e ke ke ya hlola e lekana, e lekana tjhaba sa hao, le hoja ba neng ba o ripitle ba tla be ba le hole.


Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema.


Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.


Lona thabang, le nyakalle kamehla, le nyakallele tseo ke di bopang. Ke tla bopa Jerusalema e nyakaletseng, baahi ba yona e be ba tletseng thabo.


Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.”


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


Ba tla re: ‘Naha ena e neng e le nanaola, e se e tshwana le tshimo ya Edene; metse e neng e setse e le dithako, e senyehile, e le masupi, jwale e haheleditswe, e na le baahi.’


Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho.


yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos