Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:11 - BIBELE

11 Ho madimabe ba tsohellang jwaleng, ka madungwadungwana, ba inwellang ho fihlela bosiu, ba tahwe ke veine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:11
21 Referencias Cruzadas  

Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe?


Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe.


Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!”


Veine e fedile le dipina ha di sa le yo, dino tse tahang ke mohalakane ho ba di nwang.


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Mofapahlooho wa botlotlehi wa matahwa a Efraime, o tla hatakelwa ka maoto.


Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino;


Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ”


“Ho madimabe ya nwesang ba habo tahi, a ba tshelle yona ho fihlela ba tahwa, a tla tsebe ho bona bofeela ba bona.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono.


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos