Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:1 - BIBELE

1 Moratuwa wa ka ke tla mminela sefela, ke binele tshimo ya hae sefela, tshimo ya hae ya morara; moratuwa o ne a ena le tshimo rallaneng le mobu o motle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tla binela moratuwa wa ka sefela sa moratuwa wa ka, bakeng sa tshimo ya hae ya merara. Moratuwa wa ka o ne a na le tshimo ya merara leralleng le nonneng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:1
23 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Ke tla o binela tsa mohau le tsa toka, ke o roke, wena Morena.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.


O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang.


Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe.


Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng.


Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema.


Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”


Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata.


Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?


“Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang?


“ ‘Mmao o ne a ka sefate, sefate sa morara, fate se lenngweng pela metsi a nwesetsang, sa beha haholo, makala a etsa makgasikgasi.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


“Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.


“Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi.


Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.”


“Morena Modimo wa lona, o le isa naheng e ntle, naha e nang le dinokana tse phallang metsi; naha ya didiba le mehlodi e kopotsang dikgohlong le dithabeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos