Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:1 - BIBELE

1 “Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:1
36 Referencias Cruzadas  

Ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ba dula le yena thotobolong moo, ho se ya mmuisang, hobane ba ne ba bona hore o opelwa haholo.


Jobo a nka lengetana, a ya dula thotobolong, a ikgwabitla ka lona.


Wena motse wa Babilona, o seng o tla ripitlwa, ho lehlohonolo ya tla o buseletsa seo o re entseng sona.


Ho ya hlwekileng, o hlwekile; empa ho molotsana, o masene.


O thithibantse bohale ba sabole ya hae, wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.


Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:


Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae.


Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.


Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”


Ba tulong tse phahameng o a ba theola, motse o phahameng a o kokobetse, a o heletse o wele fatshe, a o theolele tlase, leroleng.


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


“Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; Moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.


Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa.


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


“Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha.


“Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.


Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya:


Tjhaba seo se hlometse ka diqha le ka marumo; ke tjhaba se sehloho, tjhaba se hlokang mohau. Modumo wa sona ekare wa lewatle le hwasa. Tjhaba seo se tla se palame dipere tsa sona, se theile theko ya ntwa, se hlometse sa mohlabani, se a o futuhela, wena Moradi wa Babilona.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla tsosa moya o timetsang, moya wa kgalefo, ke o tsosetse Babilona le baahi ba yona.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


“Re dihlong, hoba re utlwile tse re nyatsang, fahleho tsa rona di aparetswe ke maswabi; hoba baditjhaba ba kene dibakeng tse halalelang, ba kene ka Sehalalelong sa Tempele ya Morena.”


Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe.


Batjha le maqheku ba rapaletse mmoho, ba rapaletse diterateng, ba rapaletse hara lerole; bahlankana le barwetsana ba ka ba shwele, ba eshwa ke ho bolawa ka sabole. O ba bolaile mohla o no halefile, wa ba bolaya le mohau o se na wona.


Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong.


Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.


Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!


Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng.


Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona.


“Tswa, wena Sione, wena ya phelang le Moradi wa Babilona!”


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos