Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 41:4 - BIBELE

4 Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:4
26 Referencias Cruzadas  

Tsena di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo, o tla di lahla jwaloka seaparo, mme di tla nyamela.


Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.


Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang?


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.”


Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa!


O a di phaladisa, a tswe a se na mongwapo, a potlake hoo ekang le mobu ha sa o hata!


Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae.


“Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna.


“E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?”


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


“Mmamele, wena Jakobo, wena Iseraele eo ke o bitsitseng: E hlile ke nna; ke nna wa pele le wa ho qetela.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


“Ngolla moruti wa kereke e Semirna, o re: “Tsena di bolelwa ke eo e leng Wa Pele le Wa ho Qetela, ya ileng a shwa, a boela a phela,


Ke nna Alfa le Omega, Wa Pele le Wa ho Qetela, Qalo le Qetello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos