Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 41:2 - BIBELE

2 “Ya tswang botjhabela o ila tliswa ke mang, yena ya hlolang hohle moo a yang teng? Ya mo neileng matla a ho hlola ditjhaba ke mang, hore a hatakele dikgosi tse mo emang kapele? O di fekefa ka sabole, a di fetole lerole, ka seqha sa hae a di fefole sa mmoko!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:2
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


Ke ba thumisa jwaloka lerole, jwaloka lerole la lefatshe, ke ba hatakela jwaloka seretse, jwaloka seretse se tseleng.


Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa.


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng.’ ”


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.


Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko.


“Ke tsositse e mong leboya, mme ke enwa o a tla, ya tswang botjhabela o tla ipiletsa ho nna. O hatakela babusi jwaloka hoja e le seretse, jwaloka sebopi se kgoba letsopa.


O a di phaladisa, a tswe a se na mongwapo, a potlake hoo ekang le mobu ha sa o hata!


“Nna Morena, ke o bitsitse hobane ke lokile; ke tla o utlwa ka letsoho, ke o boloke, ka wena ke etse selekane le baditjhaba, ka wena ke tlisetse baditjhaba lesedi.


“Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa.


Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa.


Nna, e leng nna, ke se ke buile; e, ke se ke bile ke mmitsitse. Ke mo tlisitse, o tla atleha hohle moo a yang teng.


Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong.


Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa.


Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.


Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos