Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.
“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.
Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema.
“Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ”
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.