Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 4:1 - BIBELE

1 Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 4:1
15 Referencias Cruzadas  

Ragele ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Modimo o tlositse sekgobo sa ka.”


Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a ba le ngwana ho fihlela a eshwa.


Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele.


Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire.


Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Motho o tla tshwara e mong wa bana babo, a mo tshware a le lapeng labo, a re: “O na le seaparo, eba mmusi wa rona, masupi ana a ke a buswe ke wena!”


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


“Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.”


hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng.


Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang.


Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos