Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 39:4 - BIBELE

4 Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?” Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka leo ke sa ba bontshang lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ebile Esaia o re: Ba bone eng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tse ka tlung ya ka kaofela; ha ho letho la maruo a ka leo ke sa kang ka ba bontsha lona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 39:4
8 Referencias Cruzadas  

“Haeba nkile ka pata sebe sa ka jwaloka Adama, ka ho boloka makgopo a ka ka fubeng sa ka,


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”


Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle:


Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos