Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 32:4 - BIBELE

4 Ba kelello di tatang ba tla tseba, ba utlwisise, maleme a mahwelea a rarolohe, a bue hantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Dipelo tsa ba potlakang di tla lokela ho utlwisisa, leleme la ya kokotletsang le bue ka hlalosetso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 32:4
14 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?


molomo wa hao o ke veine e monate. A veine e lelemelle ho moratuwa, e theohele molomong le menong a hae.


Bao meya ya bona e lahlehileng ba tla ba le kutlwisiso, ba neng ba belaela ba thabele ho fumana thuto.”


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.


di ne di utlwile feela ha ho thwe: “Ya neng a re hlorisa mehleng e fetileng, jwale o bolela molaetsa o molemo wa tumelo eo a neng a leka ho e fedisa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos