Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:7 - BIBELE

7 Mohlang oo eo o tla meketsa, a re: “Ha nka ke ka ba pheko ya lona, lapeng ha ka ha ke na dijo le seaparo, o ke ke wa nketsa mmusi, mmusi wa tjhaba sena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa eo o tla fetola ka letsatsi leo, a re: Nke ke ka tseba ho alafa taba eo; hobane ha ho bohobe, leha e le kobo ka tlung ya ka; le se ke la mpea mmusi wa setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:7
10 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;


Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?


Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.


“Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


Na dijo ha di a senyeha re ntse re di shebile? Ka Tempeleng ya rona thabo le monyaka di kae?


Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos