Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:12 - BIBELE

12 Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:12
15 Referencias Cruzadas  

Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi.


Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re: ‘Ha a na mothusi!’


Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.


Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng!


Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona.


Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona.


Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re ‘kgotso’ ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.”


Ako tadime mabotho a hao, kaofela a itshwanela le basadi feela! Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame, di ahlametse hore dira tsa hao di kene; mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona.


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos