Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 26:8 - BIBELE

8 Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:8
39 Referencias Cruzadas  

“Modimo o tiisitse lelapa la ka, selekane sa rona le yena ke sa mehla yohle, dipallo tsa sona di hlakile, di a tshepeha, ke yena ya mpholosang, o atlehisa takatso tsa ka.


Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.


Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae.


Ke fadimehetse kahlolo tsa hae tsohle, ha ke a qhelela taelo tsa hae kathoko.


Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo.


O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole.


Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.


Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho!


Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona.’ Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle.


Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa.


Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.


Lona ba ka botjhabela tlotlisang Morena, le lona ba dihlekehlekeng, le tlotlise bitso la Morena, Modimo wa Iseraele.


Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.


Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


“Lona batho ba ka, a le ke le mamele! Lona tjhaba sa ka ntshekeheleng tsebe! Molao o le tsamaisang o tla tswa ho nna, kahlolo ya ka e be sedi le bonesetsang ditjhaba.


Morena o bua tjena: “Ahlolang ka toka, le etse ho nepahetseng, hobane ho pholosa ha ka ho se ho le haufi, le ho loka ha ka ho se ho tla senolwa.


Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla.


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


“Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle.


Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.


Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.


Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos