Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 24:4 - BIBELE

4 Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:4
12 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng.


Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo.


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.


Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.


Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.”


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


Masimo a lobetswe, a senyehile, naha e omeletse, e se le sekaka, mabele a lobetswe, a senyehile, veine e ntjha ha e sa ritelwa, ole le yona ha e sa fumanwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos