Isaia 24:2 - BIBELE2 Ho tla ba jwalo ho moprista le ho setjhaba, ho mohlanka le ho monga hae, ho lekgabunyane le ho mofumahadi wa lona; ho be jwalo ho moreki le ho morekisi, ho moadimi le ho moadimuwa, ho morui le ho mofutsana. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng. Ver Capítulo |
Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’