Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.
Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,
Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!
Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.
Dikgoro tsa Sione di kwahetswe ke mobu, mekwallo ya tsona o e robakile dikotwana; kgosi le mahosana ke bathopuwa hara baditjhaba, ke bathopuwa ba leng moo ho sa rutweng Molao; baporofeta ba Sione ha ba sa bona dipono, pono tse tswang ho Morena.
Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.”