Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:1 - BIBELE

1 Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:1
9 Referencias Cruzadas  

Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


O ile a tsamaya, a futuhela Bafilesita, a thua lerako la Gate, le lerako la Jabene, le lerako la Ashedode; a haha le metse Ashedode le hara Bafilesita.


Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.


le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,


Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo.


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.


Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos