Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:22 - BIBELE

22 Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:22
14 Referencias Cruzadas  

Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.


Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa.


ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,


Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona,


Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.


Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena.


Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.’ ”


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos