Isaia 2:16 - BIBELE16 le dikepe tsohle tsa Tarashishe, le mesebetsi yohle e kgahlang mahlo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo. Ver Capítulo |
Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng.
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.