Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 18:2 - BIBELE

2 e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 18:2
14 Referencias Cruzadas  

Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha.


Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao.


di fefoha jwaloka sekepe sa lehlaka, jwaloka ntsu ha e ubella phofu ya yona.


Yare ha a se a sitwa ho mo pata, a nka sethoto se entsweng ka lehlaka, a se bitiela ka boroku le ka boka, mme a bea ngwana boroku le ka boka, mme a bea ngwana ka ho sona, a se bea hara lehlaka, lebopong la noka.


Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho.


Ke fumane molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba hore le re: “Kgobokanang mmoho le futuhele Edomo! Emang, le itokisetse ntwa!”


“ ‘Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla.


Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”


Ke setjhaba se tshabehang, tjhaba se sehloho; melao ya sona, le yona tlotla ya sona, ke tse iketseditsweng ke sona ka bosona.


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos