Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 15:9 - BIBELE

9 Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Metsi a Dimone a tletse madi, hobane ke tla eketsa kotlo ya Dimone, ke ho re, tau e tlang ho bolaya ba phonyohileng ba Moabe le ba setseng naheng ya teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 15:9
11 Referencias Cruzadas  

Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona.


Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


“Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.”


“ ‘Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.


“Re ba timeditse ho hang, ho tloha Heshebone ho ya fihla Dibone, ra ba nanaola ho ya fihla Nofa, Kgabo ya laima ho ya fihla Medeba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos