Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 13:6 - BIBELE

6 Bokollang, tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla e le la timetso, le etswa ho Ya Matla wohle!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:6
39 Referencias Cruzadas  

Ho tshaba Modimo ho ne ho nthibela, tlotla ya hae e ntshabisa ho etsa tsena.


Haufinyane ho le halefela ha ka ho tla fela, kgalefo ya ka e tobane le ho timetswa ha bona.”


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Bonang, tsatsi la Morena ke lena le a tla! Le tla ka sehloho le ka kgalefo, ka bohale bo tlokomang, le tla ho fetola lefatshe e be nanaola; ka tsatsi leo baetsadibe o tla ba timetsa.


“Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.


Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;


Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire.


Morena o halefetse ditjhaba tsohle, kgalefo ya hae e hodima mabotho wohle a tsona; o di timeditse kaofela ha tsona, o neelane ka tsona hore di bolawe.


Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


Morena o re: “Ebe jwale moo ke bonang? Tjhaba sa ka se thopilwe ntle ho lebaka, babusi ba sona ba a soma,” ho rialo Morena. “Bitso la ka le nyefolwa kamehla.


ho phatlalatsa selemo sa Morena, lemo sa mehauhelo, le letsatsi la phetetso ya Morena wa rona, le ho tshedisa bohle ba leng bofifing;


Ke hopotse tsatsi leo ke tla iphetetsa ka lona, lemo sa topollo le sona se se se fihlile.


Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.


Lona badisa llang, le bokolle haholo, lona beng ba mohlape ipitikeng hodima molora; nako ya ho bolawa ha lona e fihlile, nako ya ho qhalanngwa ha lona e phethahetse; le tla wa, le pshatlehe sa lefiso le letleletle!


“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.


Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola.


Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena.


Bokolla, o howeletse, wena ngwana motho, hoba sabole e tlela setjhaba sa ka, e tlela mahosana a Iseraele. Matshabeho a tliswang ke sabole a tla wela setjhaba sa ka hodimo, a wele le mahosana a sona hodimo. Swaba, o kebise hlooho ya hao!


“Tlhaloso ya mantswe ana ke ena: MENE ke ho re: Modimo o badile matsatsi a mmuso wa hao, mme o o fedisitse.


Jwale kgosi Beleshasare a tshwenyeha haholo, a pudufallwa, mme mahosana a hae a tsieleha.


Lona balemi, nyahamang dipelo! Lona ba lemang morara, bokollang! Bokollelang koro, le bokollele harese, hoba kotulo e senyehetse masimong.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.


Lona matahwa, tsohang le lle! Lona bohle ba nwang veine, bokollang, le lle, le llele veine e ntjha, hoba le e amohilwe le le kgatheng la ho e latswa.


Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.


Ho madimabe lona ba hlolohetsweng tsatsi la Morena! Ke hobaneng le hlolohetsweng tsatsi la Morena? Tsatsi leo e tla ba la lefifi, ha e na ho ba tsatsi la lesedi!


“Tsatsi le leholo la Morena le atametse, le tla le potlakile, Utlwang, tsatsi la Morena ke leo! Mohlabani o tla howa a se na tshepo.


Kgutsang ha le le kapele ho Morena, kapele ho Morena Modimo, hobane tsatsi la Morena le atametse. Morena o sa lokisitse sehlabelo, le bamemuwa ba hae o sa ba kgethile.


Bona, letsatsi la Morena le a tla, leo ka lona tse hapilweng ho wena di tla arolelwa kahara motse wa Jerusalema.


“Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle.


Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos