Isaia 11:11 - BIBELE11 Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle. Ver Capítulo |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.
Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso.