Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:7 - BIBELE

7 Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:7
13 Referencias Cruzadas  

Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi?


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Ke mo neile naha ya Egepeta e le moputso wa mosebetsi oo a ileng a nketsetsa wona, ho rialo Morena Modimo.


Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.


Motho ya rerelang Morena bokgopo, ya kgothaletsang bomenemene, o hlahile hara motse wa Ninife.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos