Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 8:13 - BIBELE

13 Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 8:13
30 Referencias Cruzadas  

“O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.


Jwale tsamaya, o ise setjhaba moo ke itseng o se ise teng. Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; feela mohla letsatsi la kotlo, setjhaba sena ke tla se otlela sebe sa sona.”


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Morena o re: “Molemo wa mahlabelo a lona ho nna ke ofe, mahlabelo a lona a mangatangata? Ke tennwe ke nyehelo tsa lona tsa setjheso, ke tennwe ke mafura a dipheleu le a phoofolo tse nontshitsweng; ha ke thabele madi a dipohwana, le a dikonyana le diphooko.


Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”


“Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.


Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona.


Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona.


A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!


Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona.


Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.


Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena,


Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: ‘Le ke ke la hlola le e bona hape.’ Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”


Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos