Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 7:9 - BIBELE

9 Matla a hae a jelwe ke baditjhaba, empa hoo yena ha a ho lemohe. Hlooho e se e le marasi a ho taba, empa le hoo ha a ho lemohe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 7:9
10 Referencias Cruzadas  

Hasaele, kgosi ya Arame, a hatella Baiseraele ka matsatsi wohle a puso ya Jehowakase.


Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?”


Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona.


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos