Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”
Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?” Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!
Empa le ile la jala bokgopo, kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo, la ja le yona tholwana ya leshano. Kahobane o itshepetse kariki tsa hao tsa ntwa, o tshepile le boiyane ba mabotho a hao,
Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.
Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”
Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.
Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.