Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 5:10 - BIBELE

10 Mahosana a Juda a ka ba tsekang meedi, ba suthisang mekolokotwane ya meedi. Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima wona, ke e tshollele hodima wona, ke e tshollele sa morallo wa metsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Marena a Juda a jwaloka ba suthisang mekolokotwane. Bohale ba ka ke tla bo tshollela hodima bona jwaloka metsi.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 5:10
15 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona.


Eka mahlo a bona a ka fifala, ba se ke ba bona, matheka a bona a nonyoloha hoyahoile.


Kgalefo ya hao ya nkwela hodimo, ka fediswa ke kotlo tsa hao tse tshosang;


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


O se ke wa tlosa mekolokotwane ya kgale, e hlonngweng ke baholoholo ba hao.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Jwalokaha silefera e qhibidisetswa ka seboping, le lona le tla qhibidisetswa hona moo Jerusalema, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya hlatseditseng kgalefo ya ka hodima lona.’ ”


“Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.


Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”


Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.”


“O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao.”


“ ‘Ho rohakehe ya suthisang mokolokotwane wa mohahabo!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos