Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:13 - BIBELE

13 Tlhorong tsa dithaba ba nyehela ka mahlabelo, maralleng teng ba tjhesetse mokubetso, le tlasa eike le popoleri le leoka, hoba teng moriti ke o maphodi. Kahoo baradi ba lona ba etsa bootswa, dingwetsi tsa lona le tsona di a feba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:13
20 Referencias Cruzadas  

Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.


A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera.


“Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.


Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.


Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo.


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


Dumela feela molato wa hao, Hore o fetohetse Morena, Modimo wa hao, rato la hao, wa le hafela medimo esele, wa le hafa o le tlasa difate di le talana; esita le nna ha o a ntlhompha,” ho rialo Morena.


Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo.


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng.


Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao.


Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.


Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


Ha ke ntse ke pheeletse ho ba bitsa kgafetsa, ba nna ba suthella thoko ho nna; ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo, ba tjhesetsa medingwana mokubetso.


Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos