Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:1 - BIBELE

1 Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:1
44 Referencias Cruzadas  

Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.


“Mamelang, ha ke le eletsa; lona setjhaba sa ka, Iseraele, hoja wa ka wa mmamela!


Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona!


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


Mamelang lona basomi ba busang tjhaba se Jerusalema, lentswe la Morena ke lena:


Lona ditjhaba tsohle atamelang, le mamele, lona merabe sekehang tsebe! Lefatshe le tsohle tse ho lona, le tsohle tse tswang ho lona, le ke le mamele!


Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione.


“Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Tsela e isang kgotsong ha ba e tsebe, mehlaleng ya bona toka ha e fumanwe. Tsela tsa bona ke tse matswedintsweke, ya tsamayang ho tsona a ke ke a fumana kgotso.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone.


Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena.


“Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.


Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ” ho rialo Morena.


“ ‘Empa wena Sedekiya, kgosi ya Juda, mamela lentswe la Morena. Morena o bua ho wena: Ha o ka ke wa bolawa ka sabole,


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona.


Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele.


“Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Empa wena o tlo re ho bona: ‘Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona.’ ”


“Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba tsheke, hoba tjhaba sa ka nka se tlohela jwang?


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


Morena o na le qoso e tobaneng le Juda, o tla otla Jakobo, a mo otlele boitshwaro ba hae, a mmuseletse ho ya ka diketso tsa hae.


Ka popelong o ne a tshwere ngwanabo serethe, ha e se e le monna a kolokotjhana le Modimo.


“Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.


“Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle.


Lona maqheku mamelang mona! Lona baahi bohle ba naha, sekehang tsebe! Na mehleng ya lona ntho e tjee e kila bonwa? Mehleng ya bo-ntata lona teng e kila bonwa?


Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta:


Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ ‘O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”


Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.


empa ha le mo tsebe; nna ke a mo tseba. Ha nka ka re ha ke mo tsebe, ke tla ba leshano jwaloka lona, empa ke a mo tseba, mme ke boloka lentswe la hae.


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos