Hosea 3:4 - BIBELE4 Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime. Ver Capítulo |
Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena.
Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”