Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:22 - BIBELE

22 Lefatshe le lona le tla arabela, le medise koro le veine le ole, tsena di arabele Jesereele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 mme lefatshe le tla utlwa koro le veine le ole, tseo di utlwe Jisreele.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:22
8 Referencias Cruzadas  

Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle.


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.


Ba tla boela ba dula moriting wa sona, ba leme mabele, ba a tjhaye haholo, ba etse dithunthung jwaloka fate sa morara, botumo ba bona e ke ba veine ya Lebanone.


Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo.


Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos