Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:14 - BIBELE

14 “Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:14
38 Referencias Cruzadas  

Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.


“Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle!


Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.


“Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: ‘Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.’


“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.


“Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.


“ ‘Ka baka lena, ke ile ka ba ntsha naheng ya Egepeta, ka ba isa lehwatateng.


“ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ruri ke tla le busa ka letsoho le matla, le otlolohileng, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima lona.


Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.


Medingwana yohle ya Samaria e tla pshatlwa, dimpho tsohle tse lefshwang diotswa di tjheswe. Medimo yohle ya bohata ke tla e timetsa, hobane e bokeletswe e le moputso wa bootswa, mme e tla nne e be moputso, moputso wa bootswa.”


Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao.


mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.”


Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.


Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.


Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.


Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos