Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 14:8 - BIBELE

8 Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 14:8
23 Referencias Cruzadas  

O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;’


Ke tla medisa fate tsa dikedare lehwatateng, ke medise mositsane, mohlakola le mohlwaare; matswatlareng ke tla medisa fate tsa modutu, di mele hammoho le tsa phaene le kiperese.


Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.”


“Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.


Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau,


Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos