Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:11 - BIBELE

11 Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:11
18 Referencias Cruzadas  

Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”


Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


“Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


Gileade ke motse wa ba etsang bokgopo, Gileade ke motse o kganathetseng madi a batho.


“Le hoja Efraime a hahile dialetare tse ngata, a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona, aletare tsena di fetohile sentele sa dibe.


“Bokgopo bohle ba bona bo qadile Gilegale, ka qala ho ba hloya ha ba le moo. Ka baka la bokgopo bona ba bona, ke tla ba leleka Tempeleng ya ka. Nke ke ka hlola ke sa ba rata, mahosana a bona wohle ke bafetohedi.


“Kaha le rata ho etsa sebe tloong Bethele; kaha le rata ho se atisa tloong Gilegale. Mahlabelo a lona le a nyehele ho tloha hoseng, diabo tsa lona le di ntshe ka tsatsi la boraro, le di ntshe ka tsatsi la boraro ka leng.


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


“Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos