Hosea 10:5 - BIBELE5 Baahi ba Samaria ba tla thothomela, ba thothometswe ke manamane, manamane a Bete-Afene. Tjhaba sa Samaria se tla llela namane eo, baprista ba yona le bona ba e llele, bona baprista ba neng ba e thabetse, ba nyakalletse tlotla ya namane, tlotla e seng e tlositswe, e tlositswe ho yona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona. Ver Capítulo |
A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo.